BILI YA MAQHEKU
jwalo ka ha e hlahisitswe Sebokeng sa Setjhaba e le Bili ya karolo ya 76; mme kgutsufatso ya tlhaloso ya bili e phatlaladitswe Koranteng ya Mmuso ya Nomoro ya 25347 ya 13 Phato 2003
LETONA LA NTSHETSOPELE YA SETJHABA
Palo ya dikhopi tse hatisitsweng ?????.. 50
BILI
Ho lokisetsa tshireletso, bophelo bo botle le matlafatso ya Maqheku; bakeng sa poloko le phahamiso ya maemo, ditokelo, bophelo bo botle, polokeho le tshireletso ya Maqheku; bakeng sa tlhokomelo ya tse molemong wa bona; ho thehwa le ho ngodiswa ha dibaka tse itseng; bakeng sa bodulo le tlhokomelo ya Maqheku ba dibakeng tseo; le dintlha tse ding tse amanang le tsona.
KETAPELE
JWALO KA HA Molao wa Motheo o theha setjhaba se ikamahantseng ka makgabane a demokrasi, toka setjhabeng le moruong, tekano le ditokelo tsa motheo tsa botho le ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba baahi bohle le ho lokolla bokgoni ba batho bohle ka mekgwa yohle e ka kgonehang;
LE JWALO KA HA, ka ho ya ka Bili ya Ditokelo jwalo ka ha e hlahella Molaong wa Motheo, bohle ba na le seriti se ahetseng ho bona le tokelo ya hore seriti sa bona se hlontjhwe le ho sireletswa;
LE JWALO KA HA Mmuso o lokela ho hlompha, ho sireletsa le ho phethahatsa ditokelo tse ho Bili ya Ditokelo;
LE JWALO KA HA ho nkuwa e le hwa bohlokwa hore diphetoho di kenngwe melaong e ntseng e sebetsa e mabapi le maqheku e le hore maqheku a thuswe ho ka kgona ho fihlela ditshebeletso tse lekanang hape tseo ba ka di lefellang, ekasitana le ho fana ka matla ho maqheku hore a kgone ho tswela pele ho phela ka phethahalo le ka tshwanelo setjhabeng se ba bonang e le mehlodi ya bohlokwa ya ntlafatso ya bophelo le tsebo e kenelletseng.
E ANANELWA ke Palamente ya Rephaboliki ya Afrika Borwa, ka mokgwa o latelang:-
TLHOPHISO YA DIKAROLO
Dikarolo
Ditlhaloso
KGAOLO YA 1
MANANEO A NTSHETSOPELE YA MAQHEKU
Mananeo a ntshetsopele ya maqheku
KGAOLO YA 2
HO NETEFATSA HORE HO BA LE TIKOLOHO E FANANG KA BOKGONI LE TSHEHETSO HO MAQHEKU
Dibaka le ditshebeletso tse tla tsamaelana le ditlwaelo le maemo a amohelehileng a naha
Maemo a tshebetso, ho hulwa le ho puseletso ya dithuso
Thibelo ya tshebediso ya dibaka tse sa ngodiswang, le ho ngodiswa ha dibaka tseo
Ho tsebiswa ha Letona ka phumantsho ya ditshebeletso tse itseng
Ho latela dipehelo tsa ngodiso ya dibaka
Ho dumellwa ho kena dibakeng
Ho behwa leihlo ha disebediswa kapa dibaka tse ngodisitsweng
Pehelo tse yang ho Letona ho tswa batsamaising ba dibaka
KGAOLO YA 3
TSHIRELETSO YA MAQHEKU
Ditokelo tsa maqheku dibakeng tsa tshireletso
Thibelo ya tlhekefetso ya maqheku
Mokgwatshebetso wa ho isa motho ya kenyang maqheku bodulong kapa ya hlokomelang maqheku kapa motho ya fokolang ka pela makgistrata
Dipotso mabapi le ho kengwa sebakeng sa bodulo kapa tlhokomelo ya maqheku kapa batho ba fokolang
Tsebiso ka tlhekefetso ya maqheku
Ho boloka rejistara ya tlhekefetso ya maqheku
Maqheku a hlokang tlhokomelo le tshireletso
KGAOLO YA 4
DIPEHELO TSE AKARETSANG LE TSA TLATSETSO
Boemedi
Dikotlo
Melawana
Molao o tlama Mmuso
Ho hlakolwa ha melao, ekasitana le dipehelo tsa nakwana le polokelo
Sehlooho se sekgutshwanyane le ho qala ho kena tshebetsong
Ditlhaloso
Molaong ona, ntle le moo maemo a supang ka mokgwa o mong, ka-
tlhekefetso? ho bolelwa ho tlolwa ha ditokelo tsa botho tsa Maqheku le tsa bodulong ke motho kapa batho ba bang le ha e le bafe;
tlhokomelo? ho bolelwa phano ka thuso mmeleng, kelellong, bodulong le e amehang maqhekung moo maqheku a sa kgoneng ho iketsetsa, ho kenyelletsa le ditshebeletso tse reretsweng ho kgothalletsa boleng ba bophelo le bophelo ka kakaretso ba maqheku;
mohlokomedi? ho bolelwa motho ofe kapa ofe ya fanang ka tlhokomelo;
tlhokomelo setjhabeng le ditshebeletso tsa tshehetso? ho bolelwa ditshebeletso tseo ho fanwang ka tsona ditsing tse setjhabeng tseo sepheo sa tsona e leng ho ntshetsapele le ho boloka tshebetso e ikemetseng ya maqheku ka hara setjhaba;
Lefapha? ho bolelwa Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba boemong ba naha ba mmuso;
sebaka? moaho o tsamaiswang bakeng sa ho fana ka bodulo, tlhokomelo ya setjhaba, phumantsho ya matlo, tlhokomelo le ditshebeletso tsa tshehetso ya maqheku mme o kenyelletsa bodulo empa ha ho kenyelletse lelapa la bodulo la poraefete le nang le maqheku a ka tlase ho supileng bakeng sa ho putswa kapa tlelapo ya lantjhe kapa moaho kapa sebopeho seo ho sona ho fanwang ka tlhokomelo ya lapeng.
motho ya fokolang? ho bolelwa leqheku, leo boemo ba lona mmeleng kapa kelellong bo etsang hore le hloke tlhokomelo dihora tse 24 ka tatellano;
tlhokomelo ya ka lapeng? ho bolelwa tlhokomelo eo ho fanwang ka yona lehaeng la maqheku ke bahlokomedi eo e seng mohatsa kapa wa lelapa la leqheku le amehang;
tlelapo ya lantjhe? ho bolelwa tlelapo e fanang ka dijo ho maqheku letsatsing le le leng kapa ka hodimo ho moo bekeng ka tefiso e tlase;
motsamaisi? ho bolelwa motho ya ikarabellang tsamaisong ya letsatsi le leng le le leng ya sebaka;
Letona? ho bolelwa Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba;
leqheku? ho bolelwa motho, eo haebe ke monna a leng dilemo tse 65 kapa ka hodimo ho moo, mme ha a le mosadi, a ba le dilemo tse 60 kapa ka hodimo ho moo;
leqheku le hlokang tlhokomelo le tshireletso? ho bolelwa leqheku leo ho buuwang ka lona karolong ya 18 ;
monga? ho bolelwa motho eo e leng monga sebaka;
mohlanka wa sepolesa? ho bolelwa setho se hlaloswang karolong ya 1 ya Molao wa Tshebeletso ya Sepolesa ya Afrika Borwa, 1995 (Molao wa No. 68 wa 1995) kapa setho sa ditshebeletso tsa sepolesa sa masepala tse hlonngweng tlasa karolo ya 64A ya Molao oo;
laetswe? ho bolelwa hore e laetswe ka ho ya ka molawana wa tshebetso;
moabi wa tlhokomelo ya bophelo bo botle wa profeshenale? ho bolelwa motho ya fanang ka ditshebeletso tsa bophelo bo botle ho latela molao ofe kapa ofe;
molawana? ho bolelwa molawana ofe kapa ofe o entsweng tlasa karolo ya 21;
sebaka sa tshireletso? ho bolelwa moaho kapa sebaka se boloketsweng kapa se sebedisetswang ho amohela, ho sireletsa le tlhokomelo ya nakwana ya maqheku ba hlokang tlhokomelo le tshireletso;
mosebeletsi wa setjhaba? ho bolelwa motho ofe kapa ofe ya ngodisitsweng e le mosebeletsi wa setjhaba tlasa Molao wa Diprofeshene tsa Ditshebeletso tsa Setjhaba, wa 1978 (Molao wa 110 wa 1978);
Molao ona? o kenyelletsa molawana ofe kapa ofe wa tshebetso
KGAOLO YA 1
MANANEO A NTSHETSOPELE YA MAQHEKU
Mananeo a ntshetsopele ya Maqheku
Letona, ka ho rerisana le Letona lefe kapa lefe le leng le tshwanelehileng, le-
a ka hlahisa mananeo ao ho buuwang ka ona karolwaneng ya 2 kapa a etsa hore ho thehwe mananeo a jwalo;
b ka tshehetsa motho ofe kapa ofe ya tsamaisang mananeo ao ho buuwang ka ona karolwaneng ya 2;
Mananeo ao ho buuwang ka ona karolwaneng ya 1 ke mananeo ao sepheo sa ona e leng-
a ho ela hloko kabelo ya maqheku ho tsa kahisano, setso, moruo le dipolotiki;
b ho ba le seabo ha maqheku tshebetsong tsa ho etsa diqeto maemong ohle;
c ho etsa hore maqheku a kgone ho fihlela lesedi, thuto le thupelo;
d ntshetsopele ya maqheku dibakeng tsa mahaeng;
e tshireletso le kgothaletso ya ditokelo tsa maqheku;
f ho thehwa ha ditlwaelo le maemo bakeng sa dikhampani tse rekisang dipholisi tsa mafu le ho fana ka dikadimo tsa ditjhelete ho maqheku;
g tshebediso le tsamaiso ya dibaka tse ntseng di le teng tsa maqheku jwalo ka ditsha tsa merero e mengata le ntshetsopele ya mekgwa e kopantsweng ya tlhokomelo le tshireletso;
h ho fana ka bodulo boo maqheku a ka kgonang ho bo lefella;
i ho fana ka tlhokomelo le ditshebeletso maqhekung a dibakeng tsa mahae le dibakeng tse hlokang menyetla;
j ho neha maqheku bokgoni ba ho fihlela dibaka tsa bophelo bo botle, thekolohelo le tshehetso hore ho tle ho be le kgonahalo ya hore maqheku ba boloke kapa fumane hape boemo bo hodimo ba bophelo mmeleng, kelellong le moyeng le ho phela ba hlompheha setjhabeng;
k ho thehwa ha morero wa diphuputso boemong ba naha le marangrang a dikgokahano bathong ba tsofalang;
m ho thehwa ha menyetla ya boithapollo ba maqheku;
n ho kgaotsa hore maqheku a lefe direiti tsa thepa le lekgetho; le o phumaneho le bokgoni ba ho fihlela dipalangwang setjhaba tsa mahala kapa tse tla ba le disaposidi bakeng sa maqheku.
KGAOLO YA 2
HO NETEFATSA HORE HO BA LE TIKOLOHO E FANANG KA BOKGONI LE TSHEHETSO HO MAQHEKU
Dibaka le ditshebeletso tse tsamaelanang le ditlwaelo le maemo a amohelehileng
Dibaka le ditshebeletso tseo ho fanwang ka tsona kapa tse thuswang ka ditjhelete ho tswa kabong tsa makgotla a ketsa melao a diprovense bakeng sa morero oo di lokela ho tsamaelana le ditlwaelo le maemo a amohelehileng a naha.
Letona le lokela ho beha ditlwaelo le maemo a amohelehileng a naha ka mora ho rerisana le Letona la Ditjhelete, Khomishene ya Ditjhelete le Matlotlo le Ditho tsa Makgotla a Phethahatso tse ikarabelang ntshetsopeleng ya setjhaba diprovenseng tsa tsona.
Maemo a tshebetso, ho hulwa le ho puseletso ya dithuso
Letona le ka beha maemo a tshebediso ya dithuso tseo ho buuwang ka tsona karolong ya 3, ho kenyelletswa le dipehelo mabapi le dibuka tsa ditjhelete.
Motho ofe kapa ofe ya fumanang thuso eo ho buuwang ka yona karolong ya 3, o lokela ho e sebedisa le ho ikarabela bakeng sa yona ka ho latela dipehelo tseo ho buuwang ka tsona karolwaneng ya 1.
E bang ho sa ka ha latelwa pehelo e hlahellang karolwaneng ya 1, Setho se tshwanelehileng sa Lekgotla la Phethahatso se ka hula thuso eo ka mora ho fana ka tsebiso ya kgwedi e le nngwe ya maikemisetso a ho etsa jwalo.
Motho ofe kapa ofe ya fumanang thuso eo ho buuwang ka yona karolong ya 3 o lokela ho busetsa palo efe kapa efe e sebedisitsweng ho sa latelwe pehelo eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 1.
Motho ofe kapa ofe ya tlolang kapa ya hlolehang ho latela dipehelo tsa karolo ena o tla fumanwa a le molato wa tlolo ya molao.
Thibelo ya tshebetso ya sebaka se sa ngodiswang, le ngodiso ya sebaka se jwalo
(a) Ka ho ya ka karolo 23, ha ho na motho ofe kapa ofe ya tlang ho ba monga, a laola kapa a tsamaisa sebaka, ntle le hore sebaka seo be se ngodisitswe tlasa karolo ena.
b Sebaka se hlokomelwang ke Mmuso ha se hloke ho ngodiswa tlasa karolo ena.
Motho ya batlang ho ba monga, ho laola le ho tsamaisa sebaka, o tshwanetse ho etsa kopo ho Letona bakeng sa ho ngodisa sebaka seo, mme ho a ho etsa ka mokgwa o behuweng.
Ka mora tekolo ya kopo eo ho buuwang ka yona ho karolwana ya 2 Letona le ka-
a hana kopo kapa la fana ka yona ho ya ka dipehelo tseo a tlang ho di beha, mme ha a fana ka tumello, a laela hore ho ntshuwe setifikeiti sa ngodiso se hlalosang dipehelo tseo ho mokopi foromong e laetsweng; kapa b ho latela dipehelo tsao a tla beng a a behile, a ka hlalosa, a fana ka matla ho mokopi ho sebetsa ka sebaka bakeng sa nako e sa feteng dikgwedi tse 12, jwalo ka ha Letona le ka hlalosa, le laela hore lengolo la nakwana la ngodiso le fanang ka dipehelo tseo le fuwe mokopi ka foromo e lokiseditsweng hona bakeng sa nako eo, mme ka mora pheletso ya nako eo, kapa ka mora ngodiso ka mokopi ka mokgwa o behuweng hore pehelo e boletsweng e latetswe, le ha e le hofe ho tlang pele, a ka ananela kopo.
Letona nakong e nngwe le e nngwe ka mora tlhokomediso ya kgwedi ka maikemisetso a lona, le ka mora tekolo ya dintlha tseo ho fanweng ka tsona ho lona kgweding eo, le ka nna la lokisa kapa hlakola lengolo la ngodiso le ntshitsweng ho latela karolwana ya 3a.
a Tokiso kapa tlhakolo ya setifikeiti se jwalo sa ngodiso e lokela ho etswa ka tlhokomediso ya monga sona, mme se lokela ho qala ho sebetsa ka letsatsi le hlahellang tlhokomedisong.
b Mohla o boletsweng tlhokomedisong ha wa tshwanela ho ba pele ho dikgwedi tse tharo pele ho tloha tsatsing la tlhokomediso, ntle le ha Letona le monga setifikeiti sa ngodiso ba dumellane ka mokgwa o mong.
Motho eo setifikeiti sa ngodiso se fuweng yena ho ya ka karolwana ya 3, a ke ke a se fetisetsa ho motho e ofe kapa ofe e mong.
Ha ngodiso ya sebaka e hlakotswe ho latela karolwana ya 4, kapa monga sebaka a lakatsa ho se kwala ka tlasa lebaka lefe kapa lefe, o tla lokela ho nka mehato e hlokehang ho netefatsa hore ho kwalweng ha sebaka se jwalo maqheku a sebakeng se jwalo a fumantshwa bodulo sebakeng se seng kapa le batho ba bang, bao ho ya ka maikutlo a mosebeletsi wa setjhaba, ba loketseng ho ka dudisa leqheku kapa maqheku.
Motho ofe kapa ofe ya tlolang kapa ya sa ikamahanyeng le dipehelo tsa karolo ena, kapa taelo e behuweng tlasa ona, o molato wa tlolo ya molao.
Ho tsebiswa ha Letona ka phumantsho ya ditshebeletso tse itseng
Motho o lokela ho tsebisa Letona ka ho le ngolla haebe-
a ke motsamaisi wa tlelapo ya lantjhe b o fana ka tlhokomelo ya lapeng; kapa c o behile maqheku a ka tlase ho a supileng lehaeng la bodulo la poraefete bakeng sa ho fumana moputso.
Ha motho eo ho buuwang ka yena karolwaneng ya 1 a batla ho fumana thuso ya ditjhelete, o lokela ho etsa kopo ho Letona foromong e behuweng bakeng sa ngodiso ya tlelapo e jwalo, tlhokomelo kapa bodulo.
Motho ofe kapa ofe ya behileng maqheku a ka hodimo ho a tsheletseng lehaeng la bodulo la poraefete bakeng sa ho fumana moputso o molato wa tlolo ya molao ntle le haebe lehae leo le ngodisitswe jwalo ka sebaka ka ho ya ka karolo ya 5.
Ho latela dipehelo tsa ngodiso ya dibaka
Ha ho ka etsahala hore ho be le lebaka la ho dumela hore dipehelo tse hlahellang karolong ya 5 ha di a latelwa, Letona le ka laela hore ho nkuwe mehato e itseng ho etsa hore ho latelwe dipehelo tseo.
Monga sebaka o lokela hore, ka nako tsohle tse loketseng, a tlalehele Letona ka maemo afe kapa afe a ka etsang hore a se kgone ho latela ka botlalo pehelo efe kapa efe eo ho buuwang ka yona karolong ya 53.
Ha ngodiso ya sebaka e ile ya hlakolwa ho latela karolo ya 54, kapa monga sebaka a lakatsa ho se kwala, monga sona o lokela hore-
a pele ho qeto ya ho se kwala, a ikopanye le Letona ka taba ena;
b a fane ka tlaleho e felletseng ka mehato e nkuweng ka bokamoso ba bodulo ba maqheku ba amehang ho ya ka karolo ya 57;
c a nehe Lefapha thepa yohle e rekilweng ka ditjhelete tsa Mmuso kapa e fumanweng e le dimpho ka maikemisetso a kgethehileng a ho thusa maqheku.
Ho hlongwa ha dikomiti tsa badudi ba dibaka
Ha ho na le maqheku a ka hodimo ho 10 a dulang sebakeng se itseng, ho tshwanetswe hore ho hlongwe komiti ya badudi e emetseng badudi.
Letona le lokela ho laela-
a sebopeho sa komiti ya badudi eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 1, e lokelang ho kenyelletsa moemedi wa badudi le ditho tsa basebetsi ba sebaka se amehang mme e ka nna ya kenyelletsa le ditho tsa setjhaba;
b ho kgethwa, ho thonngwa, mangolo a thuto, nako ya ho kena ofising le mabaka a ho tloswa ofising ha ditho tsa komiti eo ya badudi le ho tlatswa ha dikgeo tsa komiti; le c lenane la, mokgwa wa tshebetso wa komiti eo ya badudi.
Komiti ya badudi e hlonngweng ka ho ya ka dipehelo tsa karolwana ya 1 e lokela ho etsa bonnete ba hore motsamaisi wa sebaka seo-
a o etsa hore ho be le dikamahano pakeng tsa badudi ba sebaka le ba malapa a bona, setjhaba ka kakaretso le komiti eo;
b o fana ka tshebeletso ya maemo sebakeng seo;
c o fana ka menyetla ya thupelo ho basebetsi ba sebaka;
d o sebedisa metheo e utlwahalang ya tsamaiso ya ditjhelte mme o romela le dipehelo tsa kotara le kotara tsa ditjhelete ho badudi le ho basebetsi ba sebaka;
e o lebela diketsahalo tsa sebaka bakeng sa ho shebana ka potlako le ketso dife kapa tsa tlhekefetso ya badudi ba sebaka mme a nke mehato ya ho tlaleha diketso tseo bolaoding bo tshwanetseng;
f o rerisana le komiti ya badudi ha a hira basebetsi ba sebaka seo;
g o hloma mekgwa ya ho tletleba bakeng sa badudi ba sebaka le bathop ba batlang ho tletleba lebitsong la modudi ofe kapa ofe; mme h o etsa hohle ho hlokehang kapa ho tshwanetseng bakeng sa tshebetso e tsamayang hantle haholo ya sebaka.
Ho dumellwa ho kena sebakeng
Ha ho na motho ya tlang ho kgetholla ka ho toba kapa ho se tobe motho ya etsang kopo ya ho amohelwa sebakeng ka lebaka kapa mabaka a boletswengb karolong ya 9 ya Molao wa Motheo.
Tlhokeho ya sebaka se kenyelletsang merabe yohle ya Afrika Borwa e tla lokelwa ho elwa hloko ha ho shejwa ho tshwaneleha ho amohelwa sebakeng.
Ha motho a ka hanelwa mme a se amohelwe sebakeng, motsamaisi wa sebaka seo o lokela hore a fane ka mabaka a ho hanela motho eo ya entseng kopo e jwalo.
Motho ofe kapa ofe ya tlolang dipehelo tsa karolwananya 1 o molato wa tlolo ya molao.
Ho behwa leihlo ha dibaka kapa ditulo tse ngodisitsweng
Mosebeletsi wa setjhaba ya sebeletsang Mmuso kapa motho ofe kapa ofe ya behuweng ke Molaodi Kakaretso, ka mora ho kotjwa ho etsa jwalo ke Molaodi Kakaretso, a-
a ka etela le ho beha leihlo sebaka kapa tulo efe kapa efe kapa efe moo maqheku a hlokomelwang kapa ho fuwa bodulo ho yona.
b buisana le motho ofe kapa ofe ya hodileng kapa ya fokolang ya dulang sebakeng se jwalo kapa tulong.
c ka thuso kapa e seng ka thuso ya moabi wa tshebeletso ya tlhokomelo ya bophelo bo botle ya seprofeshenale a botsa ka bophelo ba leqheku kapa motho ya fokolang.
d laela motho ofe kapa ofe ya nang le buka kapa tokomane e mabapi le sebaka se jwalo kapa tulo, ho fana ka buka kapa tokomane e jwalo ho yena hore a e hlahlobe.
Mosebeletsi wa setjhaba kapa motho ya kgethuweng ya sebedisang matla a hae ho latela karolwana ya 1, ka kopo ya motsamaisi wa sebaka se amehang kapa motho ya laolang sebaka se amehang, jwalo ka ha ho hlokeha, o lokela ho fana ka setifikeiti e ntshitsweng ke Molaodi Kakaretso e hlalosang hore ke mosebeletsi wa setjhaba kapa ke motho ya kgethuweng.
Motho o molato wa tlolo ya molao ha motho eo-
a a thibela kapa a sitisa mosebeletsi wa setjhaba kapa motho ya kgethuweng ho phetha mesebetsi ya hae ka ho latela dipehelo tsa karolwana ya 1;
b a hana hore mosebeletsi wa setjhaba kapa motho ya kgethuweng a kgone ho fihlela leqheku kapa motho ya fokolang ya behuweng sebakeng kapa tulong e boletsweng karolwaneng ya 1; kapa c a hana kapa a hloleha ho latela taelo e dipehelong tsa karolwana ya 1d.
Pehelo tse yang ho Letona ho tswa batsamaising ba dibaka
Motsamaisi wa sebaka o lokela hore nakong ya matsatsi a 60 ka mora ho fela ha selemo sa ditjhelete sa sebaka seo a fe letona pehelo ka-
a boikamahanyo le-
i maemo a ditshebeletso a behuweng; le ii mehato e behuweng ya ho thibela le ho lwantsha tlhekefetso ya maqheku; le c dipehelo tsa maemo a behuweng a ditumellano tsa ditshebeletso tse fihletsweng selemong seo sa ditjhelete.
Ha motsamaisi wa sebaka a hloleha ho fana ka tlaleho ka ho latela karolwana ya 1, Letona le ka-
a fana ka tsebiso ho motsamaisi hore ha pehelo e jwalo e sa kene nakong ya matsatsi a 90 ka mora letsatsi la tsebiso eo, tshehetso efe kapa efe e lefuweng bakeng sa sebaka seo ho latela karolo 3 e ka fediswa; mme b ha e le hore pehelo ha e so kenngwe matsatsing a 90 ka mora mohla wa tsebiso ho ya ka seratswana sa a, le ka fedisa tshehetso ka mora ho fana ka tsebiso ya ho etsa jwalo nakong ya kgwedi.
KGAOLO YA 3
TSHIRELETSO YA MAQHEKU
Ditokelo tsa maqheku dibakeng tsa tshireletso
Leqheku le dulang sebakeng sa tshireletso le na le tokelo ya ho-
a thonya moemedi ya tla mo emela;
b fihlela thuso e utlwahalang le ho etelwa;
c boloka le ho sebediswa tseo e leng tsa hae;
d a fihlella tlhokomelo ya motheo;
e tseba ka maemo a ditjhelete a sebaka le diphetoho tsamaisong;
f nka karolo ka boikgethelo diketsong tsa bodulong, bodumeding le setjhabeng;
g ba le monyetla wa ho ba inotshi;
h ba le ngaka eo e leng ya hae ebang a ka ba le bokgoni; le i ho fuwa bonyane matsatsi a 30 pele a ka lebiswa nqeng e nngwe kapa a tsamaiswa;
Thibelo ya tlhekefetso ya Maqheku
Motho ofe kapa ofe ya hlekefetsang leqheku o molato wa tlolo ya molao.
Mokgwa wa ho isa motho ya fanang ka bodulo kapa ya hlokomelang leqheku kapa motho ya fokolang ka pela makgistrata
Ha mosebeletsi wa setjhaba kapa moabi wa tlhokomelo profeshenale a ka fana kapa a etsa setatemente se ngotsweng tlasa kano ho motjhotjhisi wa setjhaba, mme setatementeng se jwalo ho qoswa ka hore motho ofe kapa ofe ya sebakeng sa matla a lekgotla la makgistrata seo motjhotjhisi wa setjhaba a leng ho sona-
a o fane ka bodulo kapa o hlokomela leqheku kapa ya fokolang sebakeng seo e seng kapa se ka bang kotsi ho yena mmeleng kapa kelellong;
b ho bonahala a iketsetsa ho motho ya hodileng kapa ya fokolang ka ho fumana moputso o mongata haholo, ka tjhelete kapa thepa, bakeng sa bodulo kapa tlhokomelo ya motho ya jwalo sebakeng seo e seng sa hoo, motjhotjhisi eo wa setjhaba, ka ho latela dipehelo tsa karolwana ya , a ka kopa mongodi wa lekgotla leo ho ntsha disamane tse bitsang motho wa pele ho bolelwa ho hlaha, ka nako le sebaka se boletsweng moo, pela makgistrata sebakeng seo.
Motjhotjhisi wa setjhaba ha a lokela ho ya ka karolwana ya 1 ho kopa tlereke ya lekgotla la dinyewe ho ntsha disamane ntle le hore o fumane tlaleho ho tswa ho mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka ka bodulo kapa tlhokomelo ya leqheku kapa motho ya fokolang eo ho buuwang ka yena.
Ha ho etsahala ka lebaka la setatemente tlasa kano se hlahellang karolwaneng ya 1 motjhotjhisi wa setjhaba o na le lebaka la ho belaela hore mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka o tla thibelwa kapa hanelwa ho ya, kapa ho keneng sebakeng seo leqheku kapa motho ya fokolang eo ho buuwang ka yena a dulang kapa a hlokomelwang ho sona ho ya etsa diphuputso tse hlokehang hore a tle a fane ka pehelo eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 2, kapa ha mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka a ka thibelwa kapa a hanelwa ho etsa jwalo, makgistrata ya amehang ha a ka a bolelwa ka kopo ya motjhotjhisi wa setjhaba, a ka ntsha lengolo le fanang ka matla ho mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka ho ya kapa ho kena sebakeng seo bakeng sa diphuputso tse jwalo.
Makgistrata ka lengolo le ntshitsweng ke yena ka ho latela karolwana ya 3 o neha mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka matla a ho tsamaya le mohlanka wa sepolesa ho ya diphutsong tseo ho buuwang ka tsona karolwaneng e boletsweng.
Molao wa Tsamaiso ya tsa Botlokotsebe wa 1977 wa 51 wa 1977 o tla sebetsa, mmoho le diphetoho tse hlokehang, mabapi le sebopeho le mokgwa wa tshebetso ya disamane dinyeweng tsa botlokotsebe makgotleng a manyane a dinyewe, nako e lokelang ho fuwa batho ba bitsitsweng ho tla hlahella ka pela lona, ho ka sebetswa ka yona ha ba hloleha ho hlahella kapa ho dula ba ntse ba le teng, jwalo ka ho hlokeha, o sebetsa ka diphetoho tse loketseng tse mabapi le disamane tse ntshitsweng ho ya ka karolwana ena.
Motho o tla ba le molato wa tlolo ya molao ha motho eo-
a a thibela kapa a sitisa mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka wa profeshenale ho phetheng mesebetsi ya hae ho ya ka karolo ena; kapa b a hana ho neha mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka wa profeshenale tsebiso ha a e kopile e mabapi le bodulo kapa tlhokomelo ya maqheku kapa batho ba fokolang ba dulang ho yena, e le hore hoo ho hlokeha bakeng sa morero wa diphuputso jwalo ka ha ho boletswe karolwaneng ya 3.
Dipotso mabapi le ho kengwa sebakeng sa bodulo kapa tlhokomelo ya maqheku kapa batho ba fokolang
Ho latela dipehelo tsa karolo ena makgistrata eo motho ofe kapa ofe a hlahellang ka pela hae ho latela karolo ya 16 o lokela ho batlisisa ka nepahalo kapa ho se nepahale ha menyenyetsi e hlahellang disamaneng tseo ho buuwang ka tsona.
Motjhotjhisi wa Setjhaba kapa motho ofe kapa ofe ya behuweng ke makgistrata bakeng sa ho hlahella dipatlisisong a ka bitsa dipaki le ho botsisia dipaki le ha e le dife tse fanang ka bopaki.
Motho eo menyenyetsi ena e entsweng ka yena, a ka fana ka bopaki le hore yena kapa moemedi wa hae wa semolao, a ka botsisisa dipaki le ha e le dife tse bitsitsweng ho ya ka karolwana ya 2, le ho bitsa dipaki mme o lokela ho fuwa monyetla ho fana ka mabaka a hore hobaneng taelo e sa lokelang ho ntshuwa tlasa karolwana ya 10.
Ho ya ka ntho efe kapa efe e kgahlano le e hlahellang Molaong ona, molao o mabapi le botlokotsebe o tla sebetsa le ditokiso tse hlokehang ho latela diphetoho tse hlokehang ho ya ka supina, ho bitswa le ho botswa ha dipaki bakeng sa kapa dipatlisisong, ho nkuwa ha bopaki le tlhahiso ya ditokomane le tse ding tse teng moo, le ho lefuwa ha ditjhelete tse thusang dipaki.
Diketsahalo dipatlisisong di lokela ho etswa lekgotleng le buletsweng bohle la dinyewe kapa le sa bulelwang bohle.
Dipehelo tsa karolo 1591 tsa Molao wa Tsamaiso ya tsa Botlokotsebe, 1977 Molao wa 51 wa 1977, ha di le mabapi le boitshwaro lekgotleng la dinyewe tsa botlokotsebe moo moqosuwa a leng siyo, o tla sebetsa ka diphetoho tse hlokehang ho ya ka dipatlisiso tse ileng tsa tshwarwa ho latela karolo ena.
Dipehelo tsa karolo ya 108 ya Molao wa Makgotla a Dinyewe a Bokgistrata, 1944 Molao wa 32 wa 1944, o tla sebetsa ka diphetoho tsa ona tse hlokehang ho latela diketsahalo tse mabapi le patlisiso tse tshwerweng ho ya ka karolo ena.
Pehelo eo ho buuwang ka yona karolong ya 142 e lokela ho romelwa ho makgistrata ya tshwereng dipatlisiso ya ka laelang ngaka ya setereke, kapa ngaka ya mahloko a kelello kapa moeletsi wa tsa mahloko a kelello ho hlahloba motho ya hodileng kapa ya fokolang ya amehang le ho fana ka pehelo ka tseo a di fumaneng.
Dikateng tsa pehelo di ka kenngwa kapa tsa fanwa ho latela karolwana ya 8 di tla lokela ho tsebiswa motho eo menyenyetsi e leng kgahlano le yena, mme ha a batla, yena kapa moemedi wa hae wa molao o tla lokela ho fuwa monyetla wa ho botsisisa motho ya entseng pehelo, ho latela dintlha tse hlahellang pehelong, le ho hanana le menyenyetsi e hlahellang moo.
Ha e le hore ka mora ho lekodisisa bopaki le pehelo e kentsweng kapa eo ho fanweng ka yona ho latela karolo ya 8, ho bonahala ho makgistrata eka monyenyetsi ofe kapa ofe kgahlano le motho ya amehang e nepahetse, makgistrata a ka-
a dumella motho eo ho fana ka bodulo kapa ho hlokomela leqheku kapa motho ya fokolang tlasa dipehelo tse tla behwa ke makgistrata; kapa b a thibela motho eo ho fana ka bodulo kapa ho hlokomela leqheku kapa motho ya fokolang nakong e sa feteng dilemo tse 10, ho ya ka moo makgistrata a ka laelang ka teng.
Motho ofe kapa ofe ya tlolang kapa a sa ikamahanye le pehelo e entsweng ho ya ka karolo ya 10a kapa ya tlolang kapa a hloleha ho latela karolwana ya 10b o tla ba molato wa tlolo ya molao.
Tsebiso ka tlhekefetso ya maqheku
Motho ofe kapa ofe ya hlahlobang, ya thusang kapa ya sebetsanang le maqheku o lokela ho tsebisa Molaodi Kakaretso ka potlako ha a belaela hore leqheku-
a le hlekefeditswe; kapa b le lemaditswe ke se amanang le tlhekefetso,
Ho fumaneng ha hae tsebiso ho ya ka karolwana ya 1, Molaodi Kakaretso o lokela ho hlophisetsa-
a ho ntsha leqheku leo le romelwe sepetlele ha le lemetse kapa sebakeng se seng se tla bolelwa ke yena Molaodi Kakaretso; mme b a hlophise hore leqheku leo le fumana kalafo e hlokehang.
Karolo ya 143 e tla seetsa ka diphetoho tse hlokehang mabapi le ho tloswa ha leqheku le amehang.
Motho ha a na boikarabelo mabapi le tsebiso efe kapa efe e tla etswa ka botshepehi bo botle ka ho latela karolwana ya 1.
Motho ya hlolehang ho latela karolwana ya 1 o tla ba le molato wa tlolo ya molao.
Ho boloka rejistara ya tlhekefetso ya maqheku
Letona ka ho latela mokgwa o behuweng le lokela ho boloka-
a rejistara ya ditsebiso tsohle ho ya ka karolo ya 161, ha mmoho le dintlha tse mabapi le tsebiso ka nngwe;
b rejistara ya batho ba fumanweng ba le molato wa tlhekefetso ya maqheku.
Motho eo lebitso la hae le hlahellang direjistareng tseo ho buuwang ka tsona karolwaneng ya 1b a ke ke a ba monga, a tsamaiasa kapa a laola sebaka se fanang ka tlhokomelo le ditshebeletso maqhekung.
Maqheku a hlokang tlhokomelo le tshireletso
Motho ofe kapa ofe ya sebetsanang le maqheku boemong ba hae ba profeshene mme eo ka tjhebo ya hae a etsang qeto ya hore leqheku le hloka tlhokomelo kapa tshireletso o tla lokela ho tlaleha qeto e jwalo ho Molaodi Kakaretso.
Motho ofe kapa ofe ntle le ho ya boletsweng karolwaneng ya 1 eo ka ho ya ka maikutlo a hae a bonang hore ng hore motho ya hodileng o hloka tlhokomelo kapa tshireletso a ka maikutlo ao ho mosebeletsi wa setjhaba.
Molaodi Kakaretso kapa mosebeletsi wa setjhaba eo pehelo e neng e etswa ho yena o lta lokela ho etsa tlhahlobo ya pele ho pehelo ka ho fuputsa taba ena.
Ebang pehelo e netefaditswe ke diphuputso, Molaodi Kakaretso kapa mosebeletsi wa setjhaba o tla lokela ho nka mehato e loketseng ho netefatsa hore phano ka ditlhoko tsa mantlha le tshireletso ya leqheku le a di fumantshwa.
Leqheku lefe kapa lefe le hlokang tlhokomelo le tshireletso ke leo-
a penshene ya lona boqheku e nkuwang a sa rate;
c le sa kgathallweng kapa le siuweng feela ntle le mekgwa e bonahalang ya tshehetso;
d le phelang kapa le sebetsa mebileng kapa a tsamaya a kopa bakeng sa ho iphedisa;
e e leng lekgoba la sethetefatsi mme le se na tshehetso kapa pheko bakeng sa bokgoba boo;
f le phelang dibakeng tse ka bang kapa tse etsang hore le hohelwe thobalanong, le nkuwe ka sheshe kapa le hlekefetswe ka thobalano;
g le dulang kapa le sa sireletsehang dibakeng tse ka bang kotsi mmeleng kapa kelellong ya lona;
h le boemong ba ho se natswe mmeleng kapa kelellong kapa bodulong; kapa i le kileng la hlekefetswa kapa le ntseng le hlekefetswa.
KGAOLO YA 4
DIPEHELO TSE AKARETSANG LE TSA TLATSETSO
Boemedi
Letona le ka-
a fana ka matla afe kapa afe a boemedi ho mohlanka ofe kapa ofe wa Lefapha, e leng ao a filweng Letona ke Molao ona, ntle le matla a ho etsa melawana;
b fana ka matla ho mohlanka ya jwalo ho etsa mosebetsi o fuweng Letona ke Molao ona;
Letona, ka tumellano le Tonakgolo ya provense, le ka-
a fana ka matla ho setho sa Lekgotla la Phethahatso sa provense seo se ikarabellang ditabeng tsa thekolohelo ka hara provense matla afe kapa afe a fuweng Letona ke Molao ona, ntle le matla tlasa karolo 23 ho etsa melawana;
b a fana ka matla ho setho sa Lekgotla la Phethahatso ho etsa mosebetsi oo Letona ke Molao ona.
Setho sa Lekgotla la Phethahatso sa provense se ikarabellang ditabeng tsa thekolohelo ka hara provense se ka-
a fana ka matla a boemedi ho mohlanka ofe kapa ofe wa tsamaiso ya provense e amehang matla afe kapa afe a hlahellang tlasa karolwana ya 2;
b fana ka matla ho mohlanka ya jwalo ho phetha mosebetsi ofe kapa ofe, oo setho seo se fuweng matla a ho o etsa tlasa karolwana ya 2
a fana ho mohlanka ofe kapa ofe e mong wa Lefapha matla afe kapa afe a fuweng Molaodi Kakaretso ke Molao ona;
b fana ka matla a jwalo ho mohlanka ya jwalo ho phetha mosebetsi ofe kapa ofe o nehuweng Molaodi Kakaretso tlasa Molao ona.
Molaodi Kakaretso, ka tumellano le Molaodi Kakaretso wa tsamaiso ya provense karolong ena ya tlang ho bitswa ?Molaodi Kakaretso wa provense a ka-
a fana ka matla ho Molaodi Kakaretso eo matla afe kapa afe a fuweng Molaodi Kakaretso ke Molao ona;
b fana ka matla hore Molaodi Kakaretso wa provense a phethe mosebetsi o fuweng Molaodi Kakaretso ke Molao ona;
Molaodi Kakaretso wa Provense a ka-
a fana ka matla ho mohlanka ofe kapa ofe wa tsamaiso ya provense matla afe kapa afe a fuweng yena tlasa karolwana ya 5;
b a fana ka matla hore mohlanka ya jwalo a phethe mosebetsi ofe kapa ofe, oo yena a fuweng matla wa ho o phetha tlasa karolwana ya 5.
Motho ofe kapa ofe ya fuweng matla kapa ya fuweng matla a ho phetha mosebetsi tlasa karolwana ena, o lokela ho sebedisa malta a jwalo kapa ho phetha mosebetsi oo a ikamahantse le dipehelo tseo motho ya mo fileng matla a boneng ho le molemo ho mo fa tsona.
Phano yohle ka matla a boemedi kapa matla a ho phetha mosebetsi e lokela ho-
a e ngolwe fatshe;
b e se thibele motho ya fuweng matla kapa a boemedi kapa matla a ho etsa kapa ho phetha mosebetsi oo ka boyena;
c e ka hulwa neng kapa neng ka lengolo ke motho eo.
Dikotlo
Motho ofe kapa ofe ya fumanweng a le molato wa tlolo ya molao ka ho ya ka -
a karolo ya 45, 58, 63, 103a, b kapa c kapa 146a kapa b o tla lokelwa ho lefiswa faene kapa ho kwallwa tjhankaneng nako e ke keng ya feta selemo se le seng, kapa ka bobedi faene le ho kwallwa tjhanakaneng hoo; kapa b karolo ya 94, 13, 1511, kapa 165 o tla lokelwa ho lefiswa faene kapa ho kwallwa tjhankaneng nako e ke keng ya feta dilemo tse hlano, kapa ka bobedi faene le ho kwallwa tjhanakaneng hoo.
Melawana
Letona le ka etsa melawana e mabapi le-
a ntlha efe kapa efe e ka hlokehang kapa ho batlehe hore e etswe ho latela Molao ona;
b mofuta ofe kapa ofe foromo ya kopo, matla, setifikeiti, tumello, tsebiso, taelo, rejistara, mokgwa wa tshebetso kapa supina o etswang kapa o ka etswang, fanwang, fuwang, ntshuwang, bolokwang ho latela Molao ona, le mofuta ofe kapa ofe wa foromo o ka hlokehang ho tsamaisweng ha dipehelo tsa Molao ona;
c mekgwa ya tshebetso e lokelang ho latelwa le dipehelo tse ka behwang mabapi le ngodiso ya dibaka, le bonyane maemo ao dibaka tse jwalo di lokelang ho ikamahanya le ona;
d dibuka, diakhaonte le direjistara tse lokelang ho bolokwa ke batsamaisi ba dibaka tseo, mokgwa oo ka ona dibuka, diakhaonte le direjistara tse jwalo di lokelang ho ho bolokwa ka ona le ho sejetswa, le kuno le dipehe;o tse lokelang ho fanwa mabapi le dibaka tse jwalo;
e direkoto tse lokelang ho bolokwa ke motho ofe kapa ofe ya hlokomelang kapa ya fanang ka bodulo bakeng sa tefo, e leng ka tjhelete kapa thepa, motho ofe kapa ofe ya hodileng kapa ya fokolang sebakeng sefe kapa sefe ntle le se lokiseditsweng hona;
f mehato-
i ya ho thibela, ho lwantsha le ho sebetsana le tlhekefetso ya maqheku;
ii e tla nkuwa ho ntshetsapele batho ba seng maemong a matle ka lebaka la kgethollo e yang ka leeme;
iii ya ho kgothalletsa ditokelo tsa baahi ba dibaka tseo;
g sebopeho le dikahare tsa maemo a ditumellano ka tshebeletso pakeng tsa badudi le komiti ya badudi sebakeng tsa bodulo;
h bonyane ditlwaelo le maemo bakeng sa kamohelo ha batho dibakeng tsa bodulo;
i maemo a amohelehileng a ditshebeletso;
j dipehelo tsa tshebediso ya dithuso;
k poloko ya direjistara ho latela karolo ya 17; le l ka kakaretso, ntlha efe kapa efe eo letona le nahanang e le ya bohlokwa kapa e potlakileng bakeng sa ho etsa molawana hore ho fihlellwe dipheo tsa Molao ona.
Molawana ofe kapa ofe o entsweng ho latela karolwana ya 1 o amang Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa o tla lokela ho etswa ka mora therisano le Letona la Polokeho le Tshireletso.
Molawana ofe kapa ofe o entsweng ho latela karolwana ya 1 o sebetsanang le boholo kapa boleng ba ditshebeletso le ditshehetso ka mokgwa wa ho lokela ha ditshebeletso o lokela ho etswa ka tumellano le Letona la tsa Ditjhelete.
Molao o tlama Mmuso
Molao ona o tlama mmuso ntle le ho fihlela tabeng ya botlokotsebe.
Ho hlakolwa ha melao, ekasitana le dipehelo tsa nakwana le polokelo
(a) Molao wa Maqheku, wa 1967 (Molao wa Nomoro ya 81 wa 1967), o hlakotswe moo e leng hore o mabapi le dipehelo tse sa kang tsa fuwa batho ba loketseng ka hara tshebetso ya toka ya mmuso wa provense ho latela Phatlalatso ya Nomoro ya R.7 ya 1996.
b Molao o Fetotsweng wa Maqheku, wa 1998 Molao wa Nomoro ya 100 wa 1998, o hlakotswe.
Motho ofe ka ofe ya tsamaisang lehae la maqheku le ngodisitsweng ka ho ya ka Molao wa Maqheku, wa 1967 Molao wa Nomoro ya 81 wa 1967, ka potlako feela pele Molao ona o kena tshebetsong, o lokela hore dikgweding tse 12 ho tloha letsatsing leo ka lona Molao ona o kenang tshebetsong, a etse kopo ya ngodiso ka ho ya ka karolo ya 5 ya Molao ona.
Lehae la maqheku leo ho buuwang ka lona karolwaneng ya 2 le tla dula le ntse le ngodisitswe ka ho ya ka Molao wa Maqheku, wa 1967 Molao wa Nomoro ya 81 wa 1967, ho fihlela Letona le ananela kapa le hanela kopo jwalo ka ha ho lohothwa karolong ya 5 ya Molao ona.
Motsamaisi ya fumaneng saposidi tlasa karolo ya 2 ya Molao wa Maqheku, wa 1967 Molao wa Nomoro ya 81 wa 1967, ka potlako pele Molao ona o kena tshebetsong be e le hore o ntse a tswela pele a fumana saposidi eo bakeng sa dikgwedi tse 12 ka mora letsatsi leo Molao ona o keneng tshebetsong ka lona.
Ntho efe kapa efe e entsweng kapa e bonahetseng e entswe tlasa pehelo ya molao o hlakotsweng ke karolwana ya 1 e ka etswang ka ho ya ka Molao ona, e lokelwa ho nkuwa e entswe ka ho ya ka dipehelo tse tsamaelanang le hoo tsa Molao ona.
Sehloho se sekgutshwane le ho qala ho kena tshebetsong
Molao ona o bitswa Molao wa Maqheku, 2003 mme o qala ho sebetsa ka tsatsi le tla behwa ke Mopresidente ka phatlalatso Lesedinyaneng la Mmuso.
MEMORANDAMO O MABAPI LE MAIKEMISETSO A BILI YA MAQHEKU
SELELEKELA
Ho hola e lokela ho ba nako eo phehiso ya motho setjhabeng e ananelwang le ho tlotlwa. Dibakeng tse futsanehileng maqheku a ba le phehiso e tlotlehang malaepeng e le bahlokomedi ba bana, batho ba sa itekanelang le ba angwang le ho tshwaetswa ke HIV le Aids. Bili ena e leka ho boloka le ho eketsa bokgoni ba maqheku ho itshehetsa le ho kenya letsoho bophelong bo botle ba bao ba ba potapotileng.
MAIKEMISETSO
Maikemisetso a ka sehloohong a Bili ena ke-
a ho boloka, ho eketsa le ho phahamisa maemo, bophelo, polokeho le tshireletso ya maqheku;
b ho boloka le ho sireletsa ditokelo tsa maqheku jwalo ka baamohedi ba ditshebeletso;
c ho laola ngodiso ya dibaka tsa maqheku; le d ho thibela tlhekefetso ya maqheku.
DITHERISANO
Diboka tsa ditherisano tse mabapi le dipehelo tsa Bili ena di ile tsa tshwarwa ke Komiti ya Lefapha e shebaneng le Ntshetsopele ya Setjhaba Sebokeng sa Naha, Komiti e Ikgethang ya Ditshebeletso tsa Setjhaba ka hara Lekgotla la Naha la Diprovense, mekgatlo ya naha le dikhansele le mafapha a diprovense a ntshetsopele ya setjhaba. Bongata ba mafapha a naha, a jwalo ka Lefapha la Dipalangwang, Tshireletso le Polokeho, Bophelo bo Botle, Ditaba tsa Kahare ho Naha le Ditaba tsa Metsi le Meru le ona a ile a ba le seabo dibokeng le ho fana ka phehiso e babatsehang, e ileng ya lebisa ho ralweng ha Bili ena.
MAEMO A DITJHELETE A MMUSO
Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le ile la lekola maemo a ditjhelete a ka hlahang ka baka la Bili ya maqheku e rerilweng, le dipehelo tse loketseng tsa ditekanyetso tse tlang ho kenngwa ka hara Lenaneo la Ditjeo tsa Nako e Bohareng.
Ho ile ha kgethwa khonsaltente ho etsa mosebetsi wa ho akanya ditjeo tsa sethatho tsa Bili ka ho batla ho hlwaya kgahlamelo ya ka yona ditjheleteng tsa ka hara mmuso le ya ditekanyetso tsa Bili e lohothwang, ho ntse ho elwa hloko:
peho kotsing ya ditjhelete (dipehelo tse ka bakang boitlamo bo bonahalang le bo sa bonahaleng mmusong);
ditjeo tsa tsamaiso le ho bakang ditjeo (mehato e eketsehileng, basebetsi, mekgwa ya tshebetso ya botsamaisi, tsebiso le pehelo jj) le mokgwa wa ho hlophisa wa mokgatlo (Dikomiti tse ntjha, Diyuniti, Mekgatlo jj) boemedi/phano ka matla a ho etsa mosebetsi ho mmuso wa provense/lehae.
Pehelo ka sena e a fumaneha Lefapheng.
Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le qadile ka nako e le nngwe ho sheba ditjeo tsa Bili tse reretsweng:
Ho hlahloba ditjeo tsa setjhaba le melemo ya Bili;
Ho hlwaya ditjeo tsa poraefete tse tobileng tsa Bili (k.h.r. ditjeo dife kapa dife tse tobileng tseo Bili e di lebisang bathong ba poraefete kapa mekgatlo);
Ho utlwisisa le ho hlahlobisisa kgahlamelo e felletseng ya ditjhelete le ditekanyetso tsa Bili.
Kakaretso ya tse bakang ditjeo e ka mokgwa o latelang:
a Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba:
Ditjeo tsa ditshebeletso tsa motheo;
ho thehwa le ho sebediswa ha rejistara ya dibaka tsa maqheku;
ho thehwa le ho sebediswa ha rejistara ya batho ba sa lokelang ho fana ka tlhokomelo maqhekung; le kgahlamelo ya ditjhelete ka hara mmuso.
b Lekala la Toka
Boikarabelo bo amanang le ho etswa ha dipatlisiso.
c Lekala la Bophelo bo Botle
Phano ka tshehetso ya ditjhelete bakeng la ditshebeletso tsa Bophelo bo Botle
Ho arabela diqeto tse entsweng mabapi le maqheku a hlokang tlhokomelo.
TSHEBETSO YA PALAMENTE
Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le Baeletsi ba Molao ba Mmuso ba na le maikutlo a hore Bili ena e lokela ho sejetswa ke Palamente ho latela mekgwa ya tshebetso e behuweng ke karolo ya 76 kapa ya Molao wa Motheo, ka ha e wela tlasa mosebetsi o boletsweng Shejulung ya 4 ya Molao wa Motheo, e leng ?Ditshebeletso tsa Thekolohelo?.
